Sehlomathiso sa D: Tsamaiso ya setjhaba le ditshebeletso tsa tshireletso: Diphetolo dikarolong tsa kgale tsa Molaotheo

  1. Phetolo ya karolo 218 ya Molaotheo wa kgale—
    1. ka ho tlosa karolwana (1) mantswe a etellang serapa (a) pele ka mantswe a latelang:
    1. Ho ya ka ditataiso tsa Letona la Polokeho le Tshireletso, Khomishenara wa Naha o tla ikarabella ho—
    1. ka tlosa serapa (b) ya karolwana ya (1) ka karolwana ena e latelang:

    (b) ho kgethwa ha dikhomishenara tsa provense;

    1. ka tlosa serapana (d) ya karolwana (1) ka serapa se latelang:

    (d) phuputso le thibelo ya bosenyi bo rerilweng kapa bosenyi bo batlang phuputso ya setjhaba le thibelo kapa bokgoni bo ikgethileng,

    le

    1. ka ho tlosa serapa (k) ya karolwana (1) ka serapa se latelang:

    (k) ho thehwa le ho boloka yuniti ya leano ya tlhophiso ya setjhaba hore e tle e sebediswe ho tshehetsa le ka kopo ya Khomishenara ya Provense;

  2. Phetolo ya karolo 219 ya Molaotheo wa kgale ka ho tlosa karolwana (1) mantswe a etellang serapeng (a) pele ka mantswe a latelang:

    1. Ho ya ka karolo ya 218(1), Khomishenara ya Provense e tla ba le boikarabelo ba ho—
  3. Phetolo ya karolo 224 ya Molaotheo wa kgale ka ho tlosa karolwana (2) ka phehiso e latelang:

    Ka ntle le haeba karolwana ena e tla sebediswa ho ditho dife kapa dife tsa sesole tse rometseng lenane la tsona la basebetsi ka mora ho thehwa ha serapa ya molaotheo jwalo ka ha e nahannwe karolong ya 73 ya Molaotheo oo haeba mokga wa dipolotiki o ka tlasa taolo ya le tsamaiso o ikemetse kapa o tsamaelana le ona mme le maikemisetso a ona a ntshetswang pele o ile wa kenya letsoho Lekgotleng la Phethahatso la Phetoho kapa o ile wa kenya letsoho dikgethong tsa pele tsa Seboka sa Naha le makgotla a ketsamolao a provense ho ya ka Molaotheo o hlalositsweng.

  4. Phetolo ya karolo 227 ya Molaotheo wa kgale ka ho tlosa karolwana (2) ka karolwana e latelang:

    1. Lebotho la Tshireletso la Naha le tla phethisa matla a lona le mesebetsi ya lona mabapi le ditlhoko tsa setjhaba feela ho ya ka dintlha tsa Kgaolo 11 ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996.
  5. Phetolo ya karolo 236 ya Molaotheo wa kgale—
    1. ka ho tlosa karolwana ya (1) ka karolwana e latelang—

      1. Tshebeletso ya setjhaba, lefapha la mmuso, taolo kapa tshebeletso ya tshireletso eo pele ho ho thehwa ha Molaotheo ka pele wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996 (o bitswang “Molaotheo o motjha”), o phethile mesebetsi ya mmuso o sa sebetsa ho ya ka molao o entsweng o sebetsang ho ona ho fihlela o fedisitswe kapa o sebedisana kapa o kopantswe mokgatlong o nepahetseng kapa o arotswe kapa o matlafaditswe le mokgatlo ofe kapa ofe.
    2. ka ho tlosa karolwana ya (6) ka karolwana e latelang:

        1. Mopresidente a ka nna a kgetha khomishene ho lekola ho phethwa kapa ntshetsopele, kapa melemo e meng kapa ho nehelwa ha ntlha e nngwe kapa lebaka la tshebetso kapa molemo o mong o hlahileng mahareng a 27 Mmesa 1993 le 30 Mphalane 1994 ho ya ka motho e mong le e mong ya hlalositsweng karolwaneng (2) kapa sehlopha sefe kapa sefe sa batho ba jwalo.
        2. Khomishene e ka kgutlisetsa morao kapa ya fetola tumellano ho kgethelwa mosebetsi, ho phahamiswa kapa putsa ha ho sa loka kapa ho loketse ho ya ka mabaka.

    le

    1. ka ho tlosa “Molaotheo ona”, hohle moo o hlahellang teng karolong 236, ka

      Molaotheo o motjha

  6. Phetolo ya karolo 237 ya Molaotheo wa kgale—
    1. ka ho tlosa serapa (a) karolwaneng (1) ka serapa se latelang:

    (a) ho arolwa ha mekgatlo yohle e hlalositsweng karolong 236(1), ho sa kenyeletswe mabotho a tshireletso a hlalositsweng karolong 224(2), o tla tswela pele ka mora ho thehwa ha Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996, ka tjhadimo ya ho theha—

    (i) tsamaiso e matla boemong ba naha le hore le sebetse le ditaba tse taolong e boemong ba naha; le

    (ii) tsamaiso e matla ya provense e nngwe le e nngwe hore e sebetse le ditaba tse taolong ya mmuso wa provense ka nngwe.

    1. ka ho tlosa seratswana (i) karolwaneng (2)(a) ka seratswana se latelang:

    (i) mekgatlo e hlalositsweng karolong 236(1), ho sa kenyeletswe mabotho a sesole, e sala le mmuso wa naha, e tla bontsha boikarabelo ka ho sebedisana le mebuso ya provense;

  7. Phetolo ya karolo 239 ya Molaotheo wa kgale ka ho tlosa karolo (4) ka karolwana e latelang:

    1. Ho ya ka, le ho latela molao ofe kapa ofe, maruo, ditokelo, mesebetsi le boikarabelo ba makala ohle ao ho hlalositsweng ka ona karolong 224(2) a tla itshetleha hodima Lebotho la Tshireletso la Naha ho ya ka ditataiso tsa Letona la Tshireletso.