Phetolo ya karolo 1 ka e latelang:
- Mekga e ngodisitsweng ho latela molao wa naha mme e phehisana dikgethong tsa Seboka sa Naha e tla thonya bonkgetheng bakeng la dikgetho tseo lenaneng la bonkgetheng ba lokisitsweng ho latela Shejulu le molao wa naha.
Phetolo ya ntlha 2 ka e latelang:
- Ditulo Sebokeng sa Naha jwalo ka ha ho hlwauwe karolong 46 ya Molaotheo o motjha di tla ba tjena:
- Karolo e lekanang ya ditulo ho tswa lenaneng la lebatowa le nehetsweng ke mekga, ka palo e ya ditulo tse behetsweng mabatowa a hlwauweng ke Khomishene bakeng la dikgetho tse tlang tsa Seboka, ho nahannwe lesedi le teng la bakgethi le kemedi ya mekga e nang le thahasello.
- Karolo e nngwe ya ditulo ho tswa lenaneng la naha le nehetsweng ke mekga kapa mananeng a mabatowa a sa kang a nehelwa.
Phetolo ya ntlha 3 ka e latelang:
- Mananeo a bonkgetheng bao mokga o nehelaneng ka ona, a tla kenyeletsa mabitso a sa feteng palo ya bonkgetheng ba lekanang le palo ya ditulo tse Sebokeng sa Naha mme lenane ka leng le tla bontsha mabitso ka tatellano ya ka moo mokga o tla beng o hlwaile.
Phetolo ya ntlha 5 ka ho fetola mantswe a tlang pele ho serapa (a) ka mantswe a latelang:
- Ditulo tseo ho buuwang ka tsona ntlheng 2(a) di tla abelwa lebatowa ka leng ho mekga e phehisanang ka dikgetho, tjena:
- ditulo tseo ho builweng ka tsona ntlheng 2(b) di tla abelwa mekga e phehisanang ka dikgetho, ka tsela ena:
le
(a) Palo ya dikgetho ka tulo ka nngwe e tla hlaloswa ka ho arola palo kaofela ya dikgetho tse entsweng naheng yohle ka palo ya ditulo tse Sebokeng sa Naha le se le seng, le sephetho le se le seng, ho sa natswe dikotwana, e tlaba palo ya dikgetho ho ya ka ditulo.
Phetolo ya karolo ya ntlha 7(3) ka ho fetola serapa (b) ka serapa se latelang:
(b) Phetolo ya palo ya dikgetho tsa ditho di tla hlaloswa ka ho arola palo kaofela ha yona e kgethilweng naheng ho tloswa palo ya dikgetho naheng yohle ho etsetsa mokga o mong oo ho buisanweng ka ona serapeng(a) ka palo ya ditho Sebokeng, le se le seng, ho tloswa palo ya ditho tse abilweng ha ho qetwa mokgeng oo ho ya ka dipehelo tsa serapa (a).
Phetolo ya karolo 10 ka ntlha e latelang:
- Palo ya ditho lekgotleng la ketsamolao provenseng di tla behwa ho ya ka dipehelo tsa karolo 105 ya Molaotheo o motjha.
Phetolo ya ntlha 11 ka ho ngola ka ntlha e latelang:
- Mekga e ngodisitsweng ho ya ka dipehelo tsa molao wa naha mme diphehisana ka dikgetho tsa lekgotla la ketsamolao la provense le tla kgetha bakgethwa hore ba kgethelwe lekgotla la ketsamolao mananeng a provense a lokiseditsweng ho ya ka Shejulu ena le molao wa naha.
Phetolo ya karolo 16 ka ntlha e latelang:
16. Ho kgethwa ha ditho
- Ka mora hore ho balwa ha dikgetho ho qetwe, palo ya baemedi ba mokga ka mong o hlalositswe mme sephetho sa dikgetho se phatlaladitswe ho ya ka dipehelo tsa karolo 190 tsa Molaotheo o motjha, Molaotheo o tla, ka mora matsatsi a mabedi ka mora phatlalatso, kgetha ho tswa lenaneng ka leng bakgethwa ba phatlaladitswe ho ya ka molao wa naha, baemedi ba mokga ka mong lekgotleng la ketsamolao.\
- Ho ya ka kgetho ya dipehelo tsa temananyana (1) ha lebitso la mokgethwa le hlahella hangata mananeng a mang a Seboka sa Naha le lekgotla la ketsamolao la provense (haeba kgetho ya Seboka le lekgotla la ketsamolao a tshwerwe ka nako e le nngwe) mme mokgethwa eo a tla kgethwa e le moemedi dibakeng tse ngata, mokga o rometseng lenane le jwalo o tla, ka mora matsatsi a mabedi ka mora phatlalatso e jwalo, hlalosetsa Khomishene hore mokgethwa eo o tla kgethwa lenaneng lefe kapa mokgethwa o tla sebetsa lekgotleng lefe la ketsamolao, ho ya ka moo a ratang ka teng mme ho latela maemo ana, lebitso la mokgethwa le tla hlakolwa mananeng amang.\
- Khomishene e tla phatlalatsa ke hona mabitso a baemedi lekgotleng la ketsamolao kapa makgotleng a ketsamolao…
Phetolo ya karolo 18 ka ho ngola mantswe ana bakeng sa serapa (b) ka serapa:
(b) moemedi o thongwa jwalo ka moromuwa wa ka mehla Lekgotleng la Naha la Diprovense;
Phetolo ya ntlha 19 ka ntlha e latelang:
- Lenane la ditho tsa mokga tseo ho builweng ka tsona ntlheng 16 (1) di ka eketswa nakong e nngwe hang feela nakong ya dikgwedi tsa pele tse latelang mohla kgetho ya baemedi e seng e qetilwe e le ho tlatsa dikgeo tsa nakwana: Ka ntle le haeba keketso eo e tla etswa qetellong ya lenane.
Ho fetolwa ha ntlha 23 ka serapa se latelang:
23. Sekgeo sa mesebetsi
- Moo e leng hore ho na le sekgeo lekgotleng la ketsamolao moo Shejulu ena e ka sebetsang teng, mokga o kgethileng setho se tlohang se tla tlatsa sekgeo seo ka ho kgetha setho—
- seo lebitso la hae le hlahellang lenaneng la bonkgetheng leo setho se tlohang se neng se ileng sa kgethwa ho lona, mme
- ya latelang ebile a ka ba teng lenaneng.
- Kgetho ya ho tlatsa sekgeo e tla romelwa ho Sepikara ka ho ngola.
- Haeba mokga o emetsweng lekgotleng la ketsamolao o qhalana kapa o kgaotsa ho sebetsa mme ditho tseo di lesa ditulo tsa tsona ho ya ka ntlha 23A(1) ditulo tseo di tla abelwa mekga e meng ho ya ka diphetoho jwalo ka ha eka ditulo tseo di ne di lahluwe ho ya ka ntlha 7 kapa 14, ho ya ka moo ho ka etswang ka teng.
Ho kenyeletswa ha ntlha e latelang ka mora ntlha 23:
23. Ho ekeletswa ha matla ha ho lahlehelwa ke botho ba makgotla a ketsamolao
- Setho se lahlehelwa ke botho ba lekgotla la ketsamolao boo Shejulu ena e sebediswang ho yona haeba motho eo jwalo ka setho sa mokga o kgethileng motho eo jwalo ka setho sa lekgotla la ketsamolao.
- Le ka ntle ho temananyana (1) mokga ofe kapa ofe o teng wa dipolotiki o ka fetola lebitso la ona nako e nngwe le e nngwe feela.
- Molao wa Palamente o ka, ho ya ka nako e seng kae ka mora hoba Molaomotheo o be teng, fetiswa ho ya ka karolo 76(1) ya Molaotheo o motjha ho fetola ntlha ena le ntlha 23 ho fana ka mokgwa oo ka ona setho sa lekgotla la ketsamolao eo a kgaotsang ho ba setho sa mokga o mo kgethileng, a boloke botho ba lekgotla la ketsamolao.
- Molao wa Palamente oo o hlalositsweng temananyaneng (3) o ka fana ka—
- mokga ofe kapa ofe o teng o kopane le mokga o mong; kapa
- mokga ofe kapa ofe o ikarole hore e be mekga e mengata.
ka ho fetola tlhaloso ya “Khomishene” ka tlhaloso e latelang:
‘Khomishene’ e hlalosa Khomishene ya Dikgetho eo ho builweng ka yona karolong 190 ya Molaotheo o motjha;
le
ka ho kenyeletsa tlhaloso e latelang ka mora tlhaloso ya “lenane la setjhaba”:
‘Molaotheo o motjha’ o hlalosa Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996;