Kgaolo 12: Baetapele ba Setso (211-212)
211. Kananelo
- Mokgatlo, maemo le mosebetsi wa borena, di a ananelwa ho ya ka molao wa setso ho itshetlehilwe Molaotheong.
- Bolaodi ba setso bo ananelang tsamaiso ya molao wa setso e ka nna ya sebetsa ho ya ka molao ofe kapa ofe le melao ya setso e ka sebediswang, mme e kenyeletsa diphetoho ho kapa ho phumulwa ha molao oo kapa melao ya setso.
- makgotla a ahlole ka molao wa setso moo ho loketseng teng empa ho itshetlehilwe ka Molaotheo le molao ofe kapa ofe o sebetsanang le molao wa setso.
212. Mosebetsi wa marena
- Molao wa naha o ka lokisetsa mosebetsi wa borena e le mokgatlo wa selehae ditabeng tse amang setjhaba.
- Ho sebetsana le ditaba tse tsamaelanang le borena, mosebetsi wa marena, molao wa naha le meetlo ya setjhaba tse ananelang tsamaiso ya molao wa setso—
- molao wa naha kapa provense o nehelana ka ho ahuwa ha matlo a marena; le
- molao wa naha le ka theha lekgotla la marena.